1 Diketsahalo 18:6-15 BIBELE (SSO89SO)

6. Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Baarame e Damaseka, mme Baarame ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang. Ka mokgwa o jwalo, Morena a etsa hore Davida a hlole hohle moo a neng a futuhela teng.

7. Davida a nka dithebe tsa bahlabani ba Hadade-Esere tse neng di entswe ka kgauta, a di isa Jerusalema.

8. Ka mokgwa o jwalo, le metseng ya Hadade-Esere, e leng Tibehate le Kune, Davida a nka lethose le lengata, leo ka lona Solomone a ileng a etsa tanka ya lethose eo baprista ba tollang ka ho yona, le ditshiya, le dintho tsa lethose.

9. Ha Toi, kgosi ya Hamate, a utlwa kamoo Davida a hlotseng lebotho lohle la Hadade-Esere kgosi ya Soba kateng,

10. a romela mora wa hae Hadorame ho Davida, ho ya mo dumedisa, le ho mo lebohela ha a lwantshitse Hadade-Esere, mme a mo hlola, hobane Hadade-Esere o ne a ile a lwantsha Toi hangata. Hadorame a isetsa Davida mefuta yohle ya dintho tse entsweng ka kgauta, le ka silefera, le ka lethose.

11. Le tsona, kgosi Davida a di kgethela Morena, hammoho le silefera, le kgauta eo a neng a e hapile ditjhabeng tsena tsohle, e leng Baedomo, le Bamoabe, le Baamone, le Bafilesita, le Baamaleke.

12. Abishai, mora wa Seruya, le yena a bolaya Baedomo ba dikete tse leshome le metso e robedi, a ba bolaela ka Kgohlong ya Letswai.

13. Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Edomo, mme Baedomo bohle ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang. Ka mokgwa o jwalo, Morena a etsa hore Davida a hlole hohle moo a neng a futuhela teng.

14. Davida a busa naha yohle ya Iseraele. A ahlolela setjhaba sohle sa hae ka toka le ka nnete.

15. Joabe, mora wa Seruya, ya eba molaodi wa mabotho; Jehoshafate, mora wa Ahilode, yena ya eba mongodi wa diketsahalo.

1 Diketsahalo 18