1 Diketsahalo 18:10-17 BIBELE (SSO89SO)

10. a romela mora wa hae Hadorame ho Davida, ho ya mo dumedisa, le ho mo lebohela ha a lwantshitse Hadade-Esere, mme a mo hlola, hobane Hadade-Esere o ne a ile a lwantsha Toi hangata. Hadorame a isetsa Davida mefuta yohle ya dintho tse entsweng ka kgauta, le ka silefera, le ka lethose.

11. Le tsona, kgosi Davida a di kgethela Morena, hammoho le silefera, le kgauta eo a neng a e hapile ditjhabeng tsena tsohle, e leng Baedomo, le Bamoabe, le Baamone, le Bafilesita, le Baamaleke.

12. Abishai, mora wa Seruya, le yena a bolaya Baedomo ba dikete tse leshome le metso e robedi, a ba bolaela ka Kgohlong ya Letswai.

13. Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Edomo, mme Baedomo bohle ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang. Ka mokgwa o jwalo, Morena a etsa hore Davida a hlole hohle moo a neng a futuhela teng.

14. Davida a busa naha yohle ya Iseraele. A ahlolela setjhaba sohle sa hae ka toka le ka nnete.

15. Joabe, mora wa Seruya, ya eba molaodi wa mabotho; Jehoshafate, mora wa Ahilode, yena ya eba mongodi wa diketsahalo.

16. Sadoke, mora wa Ahitube, le Abimeleke, mora wa Abiatare, bona ya eba baprista, mme Shafesha yena ya eba mongodi wa puso.

17. Benaya, mora wa Jehoyada, o ne a laola Bakerete le Bapelete; bara ba Davida bona e le batlatsi ba kgosi.

1 Diketsahalo 18