1 Diketsahalo 18:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Kamora tsena, Davida a hlola Bafilesita, a ba busa, mme a ba amoha Gate le metsana ya yona.

2. Ahlola Bamoabe, mme Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang.

3. Ha Hadade-Esere, kgosi ya Soba, a ne a ilo hloma puso ya hae pela noka ya Euferatese, Davida a mo hlola Hamate.

4. Davida a hapa dikariki tsa Hadade-Esere tsa ntwa tse sekete, le banna ba dipere ba dikete tse supileng, le ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Dipere tsohle tse hulang dikariki tsa ntwa a di kgaola mesifa, a siya feela tse lekaneng ho hula dikariki tsa ntwa tse lekgolo.

5. Ha Baarame ba Damaseka ba eya ho ya thusetsa Hadade-Esere, kgosi ya Soba, Davida a bolaya banna ba Baarame ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.

6. Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Baarame e Damaseka, mme Baarame ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang. Ka mokgwa o jwalo, Morena a etsa hore Davida a hlole hohle moo a neng a futuhela teng.

1 Diketsahalo 18