1. Ha Davida a se a dula tlung ya hae, ka letsatsi le leng a re ho moporofeta Nathane: “Ako bone, nna ke dula tlung e hahilweng ka dithupa tsa dikedare, empa areka ya selekane sa Morena yona e dula hara masira!”
2. Nathane a re ho Davida: “Etsa tsohle tseo o di hopotseng, hobane Modimo o na le wena.”
3. Hona bosiung boo, lentswe la Modimo la fihla ho Nathane, la re:
4. “Tsamaya, o yo bolella mohlanka wa ka Davida, o re: <Morena o bua tjena: O ke ke wa nkgahela ntlo eo ke tla dula ho yona.
5. Ho tloha mohla ke nyollang Baiseraele naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno, ha ke eso ka ke dula ka tlung; ke nnile ka kena tenteng e nngwe, ka tswa, ka kena ho e nngwe; ka kena leahong le leng, ka tswa, ka kena ho le leng.
6. Dibakeng tsohle tseo ke tsamaileng ho tsona le Baiseraele bohle, na nkile ka botsa e mong wa baahlodi ba Iseraele, bao ke neng ke ba laele ho disa setjhaba sa ka, ka re: Ke hobaneng ha o sa nkgahela ntlo ya dithupa tsa dikedare?>
7. “Ka baka lena, o tle o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re: <Morena wa mabotho o bua tjena: Ke ne ke o late motebong, moo o neng o disa dinku teng, hore o tlo ba kgosi ya setjhaba sa ka sa Baiseraele.
8. Ke bile le wena hohle moo o nnileng wa tsamaya teng, ka timetsa dira tsa hao tsohle. Ke tumisitse lebitso la hao jwaloka mabitso a banna ba tumileng ba teng mona lefatsheng.
9. Ke tla kgethela setjhaba sa ka sa Iseraele sebaka, ke se bee ho sona, mme se ke ke sa hlola se tshwenyeha. Batho ba kgopo ba ke ke ba hlola ba se tshwenya jwaloka pele,
10. ha ke tla be ke kgethele setjhaba seo sa ka sa Baiseraele baahlodi. Ke tla hlola dira tsa hao tsohle. Hape ke o tsebisa hore Morena o tla atisa lelapa la hao.
11. “ <Ha matsatsi a hao a se a fetile, o se o orohetse ho bo-ntatao, ke tla etsa hore e mong wa bara ba hao a o hlahlame, ke tiise mmuso wa hae.
12. Ke yena ya tla nkgahela Tempele, mme ke tla tsitsisa terone ya hae kamehla.
13. Ke tla ba ntatae, yena e be mora wa ka. Feela nke ke ka kgaotsa ho mo rata jwalokaha ke ile ka kgaotsa ho rata ya bileng teng pele ho wena.
14. Ke tla mmea ho okamela setjhaba sa ka le mmuso wa ka kamehla, mme terone ya hae e tla tsitsa kamehla yohle.> ”