1 Diketsahalo 16:6-12 BIBELE (SSO89SO)

6. Baprista, bo-Benaya le Jahasiele, bona ba ne ba letsa diterompeta ka nako tsohle, kapele ho areka ya selekane sa Modimo.

7. Ka lona letsatsi leo, Davida a laela Asafo le bana babo, mme e le kgetlo la pele, hore ba boke Morena ka sefela sena:

8. Lebohang Morena,le ipiletse ho yena,phatlalatsang ketso tsa haehara ditjhaba.

9. Mmineleng, mmineleng difela,le boledisemesebetsi ya hae yohle e hlollang.

10. Ithoriseng ka lebitsole halalelang la hae:Pelo tsa bohle ba batlang Morenadi nyakalle.

11. Ipatleleng Morena le matla a hae,le ipatlele yena le sa kgaotse.

12. Hopolang mesebetsi e hlollangeo a e entseng,dimakatso tsa haele kahlolo tsa hae,

1 Diketsahalo 16