1 Diketsahalo 16:37-43 BIBELE (SSO89SO)

37. Yaba Davida o bea Asafo le bana babo kapele ho areka ya selekane sa Morena, hore ba nne ba sebeletse teng, ho ya kamoo mosebetsi wa letsatsi ka leng o leng kateng.

38. A bea Obede-Edomo le bana babo ba mashome a tsheletseng a metso e robedi hore ba ba thuse. Bo-Obede-Edomo, mora wa Jedutune, le Hosa ya eba balebedi ba monyako.

39. Kapele ho Tente ya Morena, pela aletare e sebakeng sa borapedi se Gibeone, Davida a bea moprista Sadoke le baprista ba bang ba habo hona teng,

40. hore ba nne ba etsetse Morena dinyehelo tsa setjheso hodima aletare ya nyehelo ya setjheso hoseng le mantsiboya; ba etse tsohle tse ngotsweng Molaong wa Morena, oo a neng a o laele Baiserale.

41. Ba ne ba ena le Hemane le Jedutune, le bohle ba neng ba kgethwe, ba bolelwa ka mabitso, hore ba boke Morena, “hobane mohau wa hae ke wa kamehla yohle.”

42. Bo-Hemane le Jedutune e ne e le bona ba okametseng baletsi ba diterompeta, le ba matlheretlhere, le ba diletsa tse ding, tse neng di letsetswa ho binela Modimo difela. Bara ba Jedutune e ne e le balebedi ba monyako.

43. Setjhaba sohle sa qhalana, motho ka mong a ikela lapeng ha hae. Davida le yena a tsamaya ho ya hlohonolofatsa ba lelapa la hae.

1 Diketsahalo 16