31. Mahodimo a thabe,fatshe le nyakalle,hara matjhaba ho thwe:“Morena ke yena kgosi!”
32. Lewatle le hwase,le tsohle tse ka ho lona,naha e nyakalle,le tsohle tse ho yona.
33. Jwale difate, merung, di tla bina,di binela Morena ho tla,ha a etla ho ahlola lefatshe.
34. Bokang Morena, hobane o molemo,mohau wa haeke wa kamehla yohle.
35. E reng:“Modimo, mopholosi wa rona,ako re pholose;ako re phuthe,ho baditjhaba o re namolele,re tle re lebohelebitso le halalelang la hao,ho boka wenae be motlotlo wa rona.
36. Ho bokwe MorenaModimo wa Iseraele,a bokwe jwale, le kamehla yohle.”Setjhaba sohle sa re: “A ho ke ho be jwalo! Bokang Morena!”
37. Yaba Davida o bea Asafo le bana babo kapele ho areka ya selekane sa Morena, hore ba nne ba sebeletse teng, ho ya kamoo mosebetsi wa letsatsi ka leng o leng kateng.
38. A bea Obede-Edomo le bana babo ba mashome a tsheletseng a metso e robedi hore ba ba thuse. Bo-Obede-Edomo, mora wa Jedutune, le Hosa ya eba balebedi ba monyako.
39. Kapele ho Tente ya Morena, pela aletare e sebakeng sa borapedi se Gibeone, Davida a bea moprista Sadoke le baprista ba bang ba habo hona teng,
40. hore ba nne ba etsetse Morena dinyehelo tsa setjheso hodima aletare ya nyehelo ya setjheso hoseng le mantsiboya; ba etse tsohle tse ngotsweng Molaong wa Morena, oo a neng a o laele Baiserale.