1 Diketsahalo 16:27-34 BIBELE (SSO89SO)

27. Tlotla le hlompho di teng ho yena,matla le kganyadi Sehalalelong sa hae.

28. Thoholetsang Morena,lona ditjhaba tsa mefutafuta,thoholetsang tlotlale matla a Morena.

29. Thoholetsang tlotlae lokelang lebitso la Morena,tloong kapele ho yenale mo nyehelleng,kgumamelang Morenale kgabile ka tse halalelang.

30. Lefatshe lohle le thothomelekapele ho yena!O tiisitse lefatshe,le ke ke la sisinyeha.

31. Mahodimo a thabe,fatshe le nyakalle,hara matjhaba ho thwe:“Morena ke yena kgosi!”

32. Lewatle le hwase,le tsohle tse ka ho lona,naha e nyakalle,le tsohle tse ho yona.

33. Jwale difate, merung, di tla bina,di binela Morena ho tla,ha a etla ho ahlola lefatshe.

34. Bokang Morena, hobane o molemo,mohau wa haeke wa kamehla yohle.

1 Diketsahalo 16