14. Ke yena Morena Modimo wa rona,ke yena ya ahlolang lefatshe lohle.
15. Kamehla o hopola selekane sa hae,lentswe leo a le laetsengmeloko e sekete;
16. selekane seo a se entseng,a se etsa le Aborahama,kano eo a e etseditseng Isaka,
17. a ba a tiisetsa Jakobohore ke molao,ke selekane sa hae le Iseraelesa mehla yohle.
18. A re: “Ke tla o neanaha ya Kanana,e be lefa leo o le abetsweng.”
19. Ha ba ne ba sa le mmalwana,e le baditjhaba naheng eo;
20. ha ba ntse ba lelerahara ditjhaba,ba tloha mmusong o mongba eya ho o mong,
21. Modimo ha a a ka a dumella mothohore a ba tube,mme ka baka la bonaa kgalemela dikgosi.
22. A re: “Le se kela ama batlotsuwa ba ka,le se kela etsa baporofeta ba ka hampe.”
23. Lona ba lefatshe lohlele ke le binele Morena,ka letsatsi le letsatsile phatlalatse tsa ho pholosa ha hae.
24. Bolelang tsa tlotla ya haehara ditjhaba,le makatso tsa haehara merabe yohle.
25. Morena o moholo,o lokelwa ke thoriso e kgolo,o tshabeha ho feta medimo yohle.
26. Medimo yohle ya ditjhabake ya bohata,athe Morena yena o entse,o entse mahodimo.
27. Tlotla le hlompho di teng ho yena,matla le kganyadi Sehalalelong sa hae.
28. Thoholetsang Morena,lona ditjhaba tsa mefutafuta,thoholetsang tlotlale matla a Morena.