1 Diketsahalo 16:10-21 BIBELE (SSO89SO)

10. Ithoriseng ka lebitsole halalelang la hae:Pelo tsa bohle ba batlang Morenadi nyakalle.

11. Ipatleleng Morena le matla a hae,le ipatlele yena le sa kgaotse.

12. Hopolang mesebetsi e hlollangeo a e entseng,dimakatso tsa haele kahlolo tsa hae,

13. lona bana ba Iseraele,mohlanka wa hae,lona bana ba Jakobo,mokgethwa wa hae.

14. Ke yena Morena Modimo wa rona,ke yena ya ahlolang lefatshe lohle.

15. Kamehla o hopola selekane sa hae,lentswe leo a le laetsengmeloko e sekete;

16. selekane seo a se entseng,a se etsa le Aborahama,kano eo a e etseditseng Isaka,

17. a ba a tiisetsa Jakobohore ke molao,ke selekane sa hae le Iseraelesa mehla yohle.

18. A re: “Ke tla o neanaha ya Kanana,e be lefa leo o le abetsweng.”

19. Ha ba ne ba sa le mmalwana,e le baditjhaba naheng eo;

20. ha ba ntse ba lelerahara ditjhaba,ba tloha mmusong o mongba eya ho o mong,

21. Modimo ha a a ka a dumella mothohore a ba tube,mme ka baka la bonaa kgalemela dikgosi.

1 Diketsahalo 16