5. Ho bara ba Kohate, hlooho ya bona e ne e le Uriele, bana babo ba le lekgolo le mashome a mabedi.
6. Ho bara ba Merari, hlooho ya bona e ne e le Asaya, bana babo ba le makgolo a mabedi le mashome a mabedi.
7. Ho bara ba Gereshone, hlooho ya bona e ne e le Joele, bana babo ba le lekgolo le mashome a mararo.
8. Ho bara ba Elesafane, hlooho ya bona e ne e le Shemaya, bana babo ba le makgolo a mabedi.
9. Ho bara ba Heborone, hlooho ya bona e ne e le Eleele, bana babo ba le mashome a robedi.
10. Ho bara ba Usiele, hlooho ya bona e ne e le Aminadabe, bana babo ba le lekgolo le leshome le metso e mmedi.
11. Jwale Davida a bitsa baprista, e leng Sadoke le Abiatare; a bitsa le Balevi, e leng Uriele, le Asaya, le Joele, le Shemaya, le Eleele, le Aminadabe.
12. Yaba o re ho bona: “Ke lona dihlooho tsa malapa a Balevi; ka hona itlhwekiseng, lona le bana babo lona, le tle le tsebe ho tlisa areka ya Morena Modimo wa Iseraele, sebakeng seo ke e lokiseditseng sona.
13. Kahobane ha e a ka ya tliswa ke lona ka lekgetlo la pele, Morena Modimo wa Iseraele, o ile a re halefela, hobane re ne re sa ka ra mo hlompha ka mokgwa o tshwanetseng.”
14. Yaba baprista le Balevi ba a itlhwekisa, hore ba tle ba tsebe ho lata areka ya Morena Modimo wa Iseraele.
15. Balevi ba jara areka ya Modimo ka mefeng, jwalokaha Moshe a ne a ba laele, ho ya ka polelo ya Morena.
16. Davida a buisana le bao e leng dihlooho tsa Balevi, hore ba kgethe bana babo bona ba tla bina ka diletsa, e leng dikatara, le diharepa, le matlheretlhere, ba bine haholo, ba thabile.
17. Balevi ba kgetha Hemane, mora wa Joele; ho bana babo ba kgetha Asafo, mora wa Berekiya; ho bara ba Merari ba kgetha Etane, mora wa Kushaya.
18. Ba ba hlahlamang ka boemo ya eba Sekariya, le Jaasiele, le Shemiramote, le Jeiele, le Uni, le Eliabe, le Benaya, le Maasiya, le Matiteya, le Elefelehu, le Mikeniya, le Obede-Edomo, le Jeiele, e leng balebedi ba monyako.