2. Yaba Davida o re: “Ho se be ya ka jarang areka ya Modimo, haese Balevi feela, hobane bona ba kgethilwe ke Morena hore ba jare areka ya Modimo, mme ba mo sebeletse kamehla yohle.”
3. Davida a kgobokanyetsa Baiseraele bohle Jerusalema, hore ba ise areka ya Morena sebakeng seo a e lokiseditseng sona.
4. Davida a kgobokanya bana ba Arone le Balevi.
5. Ho bara ba Kohate, hlooho ya bona e ne e le Uriele, bana babo ba le lekgolo le mashome a mabedi.
6. Ho bara ba Merari, hlooho ya bona e ne e le Asaya, bana babo ba le makgolo a mabedi le mashome a mabedi.
7. Ho bara ba Gereshone, hlooho ya bona e ne e le Joele, bana babo ba le lekgolo le mashome a mararo.
8. Ho bara ba Elesafane, hlooho ya bona e ne e le Shemaya, bana babo ba le makgolo a mabedi.
9. Ho bara ba Heborone, hlooho ya bona e ne e le Eleele, bana babo ba le mashome a robedi.
10. Ho bara ba Usiele, hlooho ya bona e ne e le Aminadabe, bana babo ba le lekgolo le leshome le metso e mmedi.
11. Jwale Davida a bitsa baprista, e leng Sadoke le Abiatare; a bitsa le Balevi, e leng Uriele, le Asaya, le Joele, le Shemaya, le Eleele, le Aminadabe.
12. Yaba o re ho bona: “Ke lona dihlooho tsa malapa a Balevi; ka hona itlhwekiseng, lona le bana babo lona, le tle le tsebe ho tlisa areka ya Morena Modimo wa Iseraele, sebakeng seo ke e lokiseditseng sona.
13. Kahobane ha e a ka ya tliswa ke lona ka lekgetlo la pele, Morena Modimo wa Iseraele, o ile a re halefela, hobane re ne re sa ka ra mo hlompha ka mokgwa o tshwanetseng.”
14. Yaba baprista le Balevi ba a itlhwekisa, hore ba tle ba tsebe ho lata areka ya Morena Modimo wa Iseraele.