19. Dibini tsena, bo-Hemane le Asafo, le Etane, tsa kgethelwa hore di letse matlheretlhere a lethose.
20. Bo-Sekariya, le Jaasiele, le Shemiramote, le Jehiele, le Uni, le Eliabe, le Maasiya, le Benaya, ba letsa dikatara tse lentswe le lesesanyane.
21. Bo-Matiteya le Elefelehu le Mikeniya, le Obede-Edomo, le Jeiele, le Asasiya ba letsa diharepa tse lentswe le letenya.
22. Kenaniya, eo e neng e le hlooho ya Balevi, o ne a okametse dibini, a di ruta mmino, kaha e ne e le kgeleke.
23. Bo-Berekiya le Elekana e ne e le balebedi ba areka.
24. Baprista, bo-Shebaniya, le Jehoshafate, le Netanele, le Amasai, le Sekariya, le Benaya, le Eleesere, bona ba ne ba letsa diterompeta ba le kapele ho areka ya Modimo. Bo-Obede-Edomo le Jehiya e ne e le balebedi ba areka.
25. Jwale bo-Davida, le baholo ba Iseraele, le balaodi ba bahlabani ba dikete, ba ya tlung ya Obede-Edomo, ho ya lata areka ya selekane sa Morena, ba thabile.
26. Kahobane Modimo a ne a ile a thusa Balevi ba jereng areka ya selekane sa Morena, ba etsa nyehelo ka dipohwana tse supileng le dipheleu tse supileng.
27. Davida o ne a apere seaparo se setle, se entsweng ka lesela la lene, esita le Balevi bohle ba neng ba jere areka, le dibini, le Kenaniya, motsamaisi wa dibini. Davida o ne a bile a apere le setipe se entsweng ka motsitla.
28. Yaba Baiseraele bohle ba tlisa areka ya Morena ka ditlatse, le ka medumo ya manaka, le ka diterompeta, le ka matlheretlhere; ba letsa le dikatara, le diharepa.
29. Yare ha areka ya selekane sa Morena e kena Motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, a sheba ka fesetere, a bona Davida a tlala, a etsa menyakwe, mme a mo nyedisa.