1 Diketsahalo 15:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Davida a ikgahela matlo Motseng wa Davida, a lokisetsa areka ya Modimo sebaka sa yona, a e hlomela tente.

2. Yaba Davida o re: “Ho se be ya ka jarang areka ya Modimo, haese Balevi feela, hobane bona ba kgethilwe ke Morena hore ba jare areka ya Modimo, mme ba mo sebeletse kamehla yohle.”

3. Davida a kgobokanyetsa Baiseraele bohle Jerusalema, hore ba ise areka ya Morena sebakeng seo a e lokiseditseng sona.

4. Davida a kgobokanya bana ba Arone le Balevi.

5. Ho bara ba Kohate, hlooho ya bona e ne e le Uriele, bana babo ba le lekgolo le mashome a mabedi.

6. Ho bara ba Merari, hlooho ya bona e ne e le Asaya, bana babo ba le makgolo a mabedi le mashome a mabedi.

7. Ho bara ba Gereshone, hlooho ya bona e ne e le Joele, bana babo ba le lekgolo le mashome a mararo.

8. Ho bara ba Elesafane, hlooho ya bona e ne e le Shemaya, bana babo ba le makgolo a mabedi.

9. Ho bara ba Heborone, hlooho ya bona e ne e le Eleele, bana babo ba le mashome a robedi.

10. Ho bara ba Usiele, hlooho ya bona e ne e le Aminadabe, bana babo ba le lekgolo le leshome le metso e mmedi.

1 Diketsahalo 15