8. Ha Bafilesita ba utlwa hore Davida o tlotsitswe hore e be kgosi ya naha ya Iseraele, ba futuha ho ya mo tsoma. Davida a utlwela, mme a ya ba kgahlanyetsa.
9. Bafilesita ba tla, ba fihla ba shatamana ka kgohlong ya Refaime.
10. Yaba Davida o botsa Morena, o re: “Na nka futuhela Bafilesita? Na o tla neelana ka bona matsohong a ka?”Morena a re ho yena: “Futuha, hobane ke tla neelana ka bona matsohong a hao.”
11. Yaba Davida o ba futuhela ha ba le Baale-Perasime, mme a ba hlolela hona moo. Jwale Davida a re: “Modimo o phunyeleditse theko ya dira tsa ka ka letsoho la ka, jwaloka metsi ha a phatlola lerako.” Ka baka leo, ba rea sebaka seo lebitso la Baale-Perasime.