11. Yaba Davida o ba futuhela ha ba le Baale-Perasime, mme a ba hlolela hona moo. Jwale Davida a re: “Modimo o phunyeleditse theko ya dira tsa ka ka letsoho la ka, jwaloka metsi ha a phatlola lerako.” Ka baka leo, ba rea sebaka seo lebitso la Baale-Perasime.
12. Bafilesita ba siya medimo ya bona hona moo, mme Davida a laela hore e tjheswe.
13. Bafilesita ba boela ba shatamana ka kgohlong.
14. Ka baka leo, Davida a boela a botsa Modimo, mme Modimo a re ho yena: “O se ke wa ba futuhela o ba setse morao; o ba pote ka nqane, o ba futuhele o hlaha ka difateng tsa monokotshwai.
15. E tle ere ha o utlwa mohlwathatsa hodima difate tsa monokotshwai, ebe o a futuha, hobane Modimo o tla be a o eteletse pele ho ya bolaya lebotho la Bafilesita.”
16. Ka baka leo, Davida a etsa kamoo Modimo a mo laetseng kateng, mme Baiseraele ba phaladisa lebotho la Bafilesita ho tloha Gibeone, ho ya fihla Gesere.
17. Botumo ba Davida ba phatlalla le dinaha tsohle, mme Morena a etsa hore ditjhaba tsohle di mo tshabe.