1 Diketsahalo 14:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale kgosi Hirame wa Tire a romela maqosa ho Davida; a ba a mo romella le mapolanka a kedare, le dibetli tsa majwe le tsa mapolanka, ho ya mo hahela ntlo.

2. Davida a elellwa hore Morena o mo tsitsisitse bokgosing ba Iseraele, hobane puso ya hae e ile ya atlehiswa haholo, ka baka la setjhaba sa hae sa Iseraele.

3. Davida a boela a nyala basadi ba bang hape ha a le Jerusalema, mme a tswala bara le baradi ba bang ba bangata.

4. Ana ke mabitso a bana ba Davida, bao a ileng a ba tswala ha a le Jerusalema: Shamua, le Shobabe, le Nathane, le Solomone,

5. le Jibehare, le Eleshua, le Elepalete,

6. le Noga, le Nefege, le Jafia,

7. le Eleshama, le Beleada, le Elefelede.

8. Ha Bafilesita ba utlwa hore Davida o tlotsitswe hore e be kgosi ya naha ya Iseraele, ba futuha ho ya mo tsoma. Davida a utlwela, mme a ya ba kgahlanyetsa.

9. Bafilesita ba tla, ba fihla ba shatamana ka kgohlong ya Refaime.

1 Diketsahalo 14