1 Diketsahalo 13 BIBELE (SSO89SO)

Areka ya selekane e tloswa Kiriate-Jearime

1. Davida a rerisana le balaodi ba bahlabani ba dikete, le ba ba makgolo, le mookamedi e mong le e mong wa mabotho.

2. Yaba o re ho setjhaba sohle sa Iseraele: “Haeba le rata, eba le Morena Modimo wa rona o a rata, a re romeleng molaetsa hohle naheng ya Iseraele, moo bana babo rona ba ahileng teng; re o romele le ho baprista, le ho Balevi ba metseng le metsaneng, hore ba phuthehele kwano.

3. Jwale re boele re late areka ya Modimo wa rona, re e tlise kwano, hobane mehleng ya Saule ha re a ka ra e natsa.”

4. Setjhaba sohle sa re se tla etsa jwalo, hobane se ne se bona hore hoo ho lokile.

5. Yaba Davida o kgobokanya Baiseraele bohle, ho tloha nokeng ya Shihore e Egepeta, ho ya fihla kgorong ya Hamate, hore ba yo lata areka ya Modimo, Kiriate-Jearime.

6. Jwale Davida le Baiseraele bohle ba nyolohela Baala, e leng hona Kiriate-Jearime e Juda, ho ya lata areka ya Morena Modimo, ya dutseng hodima dikerubime, e leng areka eo a tla kgumamellwa ho yona.

7. Ba bea areka ya Modimo hodima kariki e ntjha, ba e ntsha ka tlung ya Abinadabe. Bo-Usa le Ako ba qhoba kariki eo.

8. Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba etsa motjeko ka sefutho se seholo, ba le kapele ho Modimo. Ba letsa diharepa, le dikatara, le meropa, le matlheretlhere, le diterompeta.

9. Ha ba fihla seotlong sa Kidone, Usa a nanabetsa letsoho, a tshwara areka, hobane dipholo di ne di kgothometseha.

10. Bohale ba Modimo ba tlokomela Usa, mme Morena a mmolaya, hobane o ne a ile a ama areka. A shwela hona moo, kapele ho Modimo.

11. Davida a tshwenyeha haholo, hobane Morena o ne a bolaile Usa; ka baka leo, yaba sebaka seo se rewa lebitso la Kotlo ya Usa, mme le kajeno-ya-bokajeno se ntse se bitswa jwalo.

12. Ka lona letsatsi leo, Davida a tshaba Modimo, mme a re: “Ekaba areka ya Modimo ke tla e isa jwang ha ka?”

13. Yaba Davida ha a sa isa areka eo ha hae, Motseng wa Davida, o se a e isa tlung ya Obede-Edomo wa Mogate.

14. Areka eo ya Modimo ya qeta kgwedi tse tharo e le moo ha Obede-Edomo, ka tlung ya hae. Morena a hlohonolofatsa lelapa la Obede-Edomo le tsohle tseo a neng a ena le tsona.