1 Diketsahalo 12:6-12 BIBELE (SSO89SO)

6. le Elekana, le Jeshia, le Asariele, le Joesere, le Jashobame, e leng ba morabe wa Kora,

7. le Joela, le Sebadiya, e leng bara ba Jerohame wa motse wa Gedore.

8. Ba bang ba morabe wa Gade ba fetohela ka ho Davida ha a le qhobosheaneng e lehwatateng. E ne e le banna ba dinatla, ba matsholathebe, ba tsebang ho lwana ka thebe le lerumo. Difahleho tsa bona di ne di ka tsa ditau, ba le lebelo jwaloka dikgama tsa thaba.

9. Wa pele e ne e le Esere, wa bobedi e le Obadiya, wa boraro e le Eliabe,

10. wa bone e le Mishemanna, wa bohlano e le Jeremia,

11. wa botshelela a le Atai, wa bosupa e le Eleele,

12. wa borobedi e le Johanane, wa borobong e le Elesabade,

1 Diketsahalo 12