12. wa borobedi e le Johanane, wa borobong e le Elesabade,
13. wa leshome e le Jeremia, wa leshome le motso o mong e le Makabanai.
14. Bana e ne e le bara ba Gade, e le balaodi ba mabotho. Molaodi ya ka sehloohong o ne a ka phaladisa lebotho la bahlabani ba sekete, ya katlasetlase a ka phaladisa lebotho la ba lekgolo.
15. Bana ke bona ba neng ba tshele noka ya Jorodane, ka kgwedi ya pele, ha noka eo e ne e eja ditlhokwa. Ba leleka bohle ba phelang ka kgohlong, ba ka botjhabela le ka bophirimela.
16. Ba bang ba morabe wa Benjamine le ba morabe wa Juda le bona ba ya ho Davida qhobosheaneng.