1. Bana ke bona ba ileng ba tla ho Davida ha a ntse a ipatile Sikelage, ka baka la ho tshaba Saule, mora wa Kishe. E ne e le ba bang ba bahale ba neng ba mo thusa ntweng.
2. Ba ne ba hlometse ka diqha, mme ha ba betsa majwe ka matjeketjane, kapa ba fula ka metsu, ba ne ba tseba ho sebedisa matsoho a matona kapa a matshehadi ka ho tshwana. E ne e le ba morabe wa Benjamine, e le bang ka Saule.
3. Mookamedi wa bona e ne e le Ahiesere, a hlahlangwa ke Jowashe. Bobedi ba bona e ne e le bara ba Shemaa wa Gibea. Baokamedi ba bang e ne e le Jesiele, le Pelete, bara ba Asemafete, le Beraka, le Jehu wa Anatote,