1 Diketsahalo 11:3-14 BIBELE (SSO89SO)

3. Yaba baholo bohle ba Iseraele ba ya ho kgosi e le Heborone. Davida a etsa selekane le bona moo Heborone, kapele ho Morena, mme ba mo tlotsa hore e be kgosi ya Iseraele, ho ya ka polelo ya Morena, eo a neng a e bolele ka Samuele.

4. Yaba Davida le Baiseraele bohle ba ya Jerusalema, e neng e bitswa Jebuse, e leng moo Bajebuse, baahi ba naha eo, ba neng ba ahile teng.

5. Baahi ba Jebuse ba re ho Davida: “O ke ke wa kena mona!” Leha ho le jwalo, Davida a hapa qhobosheane ya Sione, e leng yona Motse wa Davida.

6. Davida a re: “Mang kapa mang ya tla bolaya Mojebuse pele, e tla ba molaodi e moholo.” Joabe, mora wa Seruya, a tlola pele, mme ya eba yena molaodi.

7. Davida a aha qhobosheaneng eo; ka baka leo, ba e bitsa Motse wa Davida.

8. A haha motse o potapotileng qhobosheane eo ho tloha Milo. Joabe yena a tsosa marako wohle a motse.

9. Davida a nna a tswela pele ho matlafala, hobane Morena wa mabotho o ne a ena le yena.

10. Bana ke bona baokamedi ba bahale ba Davida, ba neng ba mo tsheheditse mmusong wa hae, mmoho le Baiseraele bohle, hore e be kgosi, ho ya ka polelo ya Morena, eo a neng a e bue mabapa le Iseraele.

11. Palo ya bahale ba Davida ke ena: Jashobame wa Mohakemoni e ne e le yena mookamedi wa balaodi. Ke yena ya neng a fekefe banna ba makgolo a mararo ka lerumo, a ba bolaya ka nako e le nngwe.

12. O ne a hlahlangwa ke Eleasare, mora wa Dodo, wa morabe wa Ahohi, e le e mong wa bahale ba bararo.

13. O ne a ena le Davida ha a le Pasa-Damime, moo Bafilesita ba neng ba theile theko ya ntwa teng, tshimong ya harese. Bahlabani ba baleha Bafilesita.

14. Eleasare le bahlabani ba hae ba ikema hara tshimo, ba e hapa, ba bolaya Bafilesita, mme Morena a ba tlisetsa tlholo e kgolo.

1 Diketsahalo 11