1 Diketsahalo 11:20-29 BIBELE (SSO89SO)

20. Abishai, ngwanabo Joabe, e ne e le yena mookamedi wa ba mashome a mararo. Ke yena ya neng a fekefe ba makgolo a mararo ka lerumo, a ba bolaya, mme lebitso la hae la tuma hara ba mashome a mararo.

21. A tuma ho feta bahlabani ba mashome a mararo, ya eba molaodi wa bona. Empa a se ke a tuma jwaloka balaodi ba bararo ba pele.

22. Benaya, mora wa Jehoyada, ya neng a etswa Kabeseele, e ne e le monna ya tumileng ka diketso tsa bokwankwetla. A bolaya bahale ba babedi ba Moabe, ba bohale jwaloka tau. A ba a bolaya le tau e neng e le ka lemeneng, mohla lehlwa le neng le kgethehile.

23. A bolaya monna wa Moegepeta, wa seqhobane, eo bolelele ba hae bo neng bo feta dimethara tse pedi. Moegepeta eo o ne a tshwere lerumo le lekaalo ka mofeng wa motjhine o ohlang, empa Benaya a ya ho yena a tshwere molamu; a hlotha lerumo letsohong la Moegepeta, a mmolaya ka lerumo leo la hae.

24. Tsena ke tsona diketso tsa Benaya, mora wa Jehoyada, tse ileng tsa mo tumisa hara ba mashome a mararo.

25. O ne a tumile ho feta ba mashome a mararo, empa a sa tuma jwaloka balaodi ba bararo ba pele. Davida a mo etsa mookamedi wa balebedi ba hae.

26. Bahale ba bang ba Davida e ne e le Bana: Asaele, ngwanabo Joabe, le Elehanane, mora wa Dodo wa Betlelehema,

27. le Shamote wa Harode, le Helese wa Mopelone,

28. le Ira mora wa Ikeshe wa Tekowa, le Abiesere wa Anatote,

29. le Sibekai wa Husha, le Ilai wa Ahohi,

1 Diketsahalo 11