1 Diketsahalo 10:9-14 BIBELE (SSO89SO)

9. Ha ba se ba hlobodisitse Saule, ba nka hlooho ya hae, le seaparo sa hae sa ntwa, ba romela maqosa hohle naheng ya Bafilesita ho phatlalatsa taba ena e thabisang ho medimo ya bona ya bohata, le ho setjhaba sohle.

10. Ba bea seaparo sa Saule sa ntwa ka tempeleng ya medimo ya bona ya bohata, hlooho ya hae yona ba e fanyeha ka tempeleng ya Dagone.

11. Ha baahi bohle ba Jabeshe-Gileade ba utlwa seo Bafilesita ba se entseng Saule,

12. banna bohle ba bahale ba phalla, ba nka setopo sa Saule, le ditopo tsa bara ba hae, ba di isa Jabeshe. Ba epela masapo a bona tlasa sefate sa eike se Jabeshe, mme ba itima dijo ka matsatsi a supileng.

13. Yaba Saule o shwa ka baka la ditshito tsa hae, tseo a ileng a sitelwa Morena ka tsona, e leng ho se boloke ditaelo tsa Morena, le ho batla dikeletso ho mathuela.

14. O ne a sa ka a botsa Morena, mme ka baka leo, Morena o ile a mmolaya, mmuso wa hae a o nea Davida, mora wa Jese.

1 Diketsahalo 10