1 Diketsahalo 10:5-10 BIBELE (SSO89SO)

5. Ha mojari wa dihlomo tsa hae a bona hore Saule o shwele, le yena a itihela hodima sabole ya hae, a shwa.

6. Saule a shwa hammoho le bara ba hae ba bararo, le ba lelapa la hae bohle.

7. Ha Baiseraele bohle ba neng ba le ka kgohlong ba bona hore bahlabani ba a baleha, le hore Saule le bara ba hae ba se ba bolailwe, ba siya metse ya bona, ba baleha. Yaba Bafilesita ba a tla, ba ikgahela ho yona.

8. Ka le hlahlamang, ha Bafilesita ba tlilo hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba bolaetswe thabeng ya Gileboa.

9. Ha ba se ba hlobodisitse Saule, ba nka hlooho ya hae, le seaparo sa hae sa ntwa, ba romela maqosa hohle naheng ya Bafilesita ho phatlalatsa taba ena e thabisang ho medimo ya bona ya bohata, le ho setjhaba sohle.

10. Ba bea seaparo sa Saule sa ntwa ka tempeleng ya medimo ya bona ya bohata, hlooho ya hae yona ba e fanyeha ka tempeleng ya Dagone.

1 Diketsahalo 10