1. Bafilesita ba lwantsha Baiseraele. Banna ba Iseraele ba ba baleha, ba wa mofela hodima thaba ya Gileboa.
2. Bafilesita ba bea Saule le bara ba hae merebele, ba bolaya Jonathane, le Abinadabe, le Malekishuwa, bara ba Saule.
3. Ntwa ya imela Saule. Banna ba diqha ba fula Saule ka metsu, mme a tswa kotsi e mpe.
4. Yaba Saule o re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nka sabole ya hao, o ntlhabe, esere maqai ana a fihla a nqetela, mme ka tlontloloha.”Empa mojari wa dihlomo tsa hae a hana, hobane o ne a tshohile haholo. Ka baka leo, Saule a nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.
5. Ha mojari wa dihlomo tsa hae a bona hore Saule o shwele, le yena a itihela hodima sabole ya hae, a shwa.