1 Diketsahalo 1:7-18 BIBELE (SSO89SO)

7. Bana ke bara ba Jafane: Elisha, le Tarashishe, le Kitime, le Dodanime.

8. Bana ke bara ba Kama: Kushe, le Miseraime, le Pute, le Kanana.

9. Bana ke bara ba Kushe: Seba, le Hafila, le Sabeta, le Rama, le Sabeteka. Bara ba Rama ke Sheba le Dedane.

10. Kushe a tswala Nimerode. Nimerode ke yena eo e bileng mohale wa pele, e moholo, lefatsheng.

11. Miseraime a tswala Balode, le Baaname, le Balehabe, le Banafetuhe,

12. le Bapatarusi, le Bakasalohe ba tswetseng Bafilesita, le Bakafatore.

13. Kanana a itsibola ka Sidone, ya tla ba Hete,

14. le Bajebuse, le Baamore, le Bagirigashe,

15. le Bahife, le Baareki, le Basine,

16. le Baarefade, le Basemare, le Bahamate.

17. Bara ba Sema ke: Elame, le Asure, le Arepakeshade, le Lode, le Arame, le Use, le Hule, le Getere, le Mashe.

18. Arepakeshade a tswala Shela, mme Shela a tswala Ebere.

1 Diketsahalo 1