39. Bana ke bara ba Lotane: Hori, le Homame. Kgaitsedi ya Lotane e ne e le Timina.
40. Bara ba Shobale e ne e le Aleana, le Manahate, le Ebale, le Shefi, le Oname. Bana ke bara ba Sebone: Aya, le Ana.
41. Mora wa Ana ke Dishone. Bara ba Dishone ke Hamerane, le Eshebane, le Jiterane, le Kerane.
42. Bana ke bara ba Esere: Bilehane, le Saafane, le Jakane. Bara ba Dishane ke Use le Arane.
43. Tsena ke dikgosi tse ileng tsa busa naha ya Edomo, ho eso be le kgosi e busang bana ba Iseraele: Bela, mora wa Beore, mme lebitso la motse wa hae e ne e le Dinehaba.
44. Ha Bela a eshwa, Jobabe, mora wa Sera, ya tswang Bosera, a mo hlahlama.
45. Ha Jobabe a eshwa, Hushame, wa naha ya Batemane, a mo hlahlama.
46. Ha Hushame a eshwa, Hadade, mora wa Bedade, ya neng a hlole Bamediane naheng ya Moabe, a mo hlahlama. Lebitso la motse wa hae e ne e le Afite.
47. Ha Hadade a eshwa, Samela wa Masereka a mo hlahlama.