18. lebohang dinthong tsohle, hobane tsena ke tsona tseo Modimo a ratang hore le di etse ka Kreste Jesu.
19. Se sitiseng Moya o Halalelang,
20. se nyediseng dineo tsa boporofeta.
21. Hlahlobang tsohle, le boloke tse ntle,
22. mme le sesefe bobe ba mofuta ofe kapa ofe.
23. E ka Modimo ya fanang ka kgotso, yena ka sebele a ka le halaletsa ka ho tlala, e le hore ka mokgwa o phethehileng le bolokehe moyeng, pelong le mmeleng, le tle le se ke la nyatseha mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang.
24. Ya le bitsang o a tshepahala, mme hona o tla ho etsa.
25. Bana beso, re rapelleng le rona.
26. Dumedisang bana babo rona bohle ka kako e halalelang.
27. Ka Morena, ke ipiletsa ho lona, ke re: Lengolo lena le ballwe bana babo rona bohle.
28. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona.