1 Bathesalonika 5:11-22 BIBELE (SSO89SO)

11. Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le matlafatsane, jwalokaha le fela le etsa.

12. Bana beso, re a le kopa: Hlomphang ba sebetsang ka thata hara lona ho le disa le ho le eletsa lebitsong la Morena.

13. Ka baka la mosebetsi wa bona, le ba hlomphe haholo, le ba rate. Phedisanang ka kgotso.

14. Bana beso, re a le rapela hore le kgalemele dikgoba, le kgothatse ba nyahameng dipelo, le thuse ba fokolang, le mamelle bohle.

15. Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe, mme kamehla le pheelle ho etsetsana tse molemo, le ho di etsetsa bohle.

16. Thabang kamehla,

17. se phetseng ho rapela,

18. lebohang dinthong tsohle, hobane tsena ke tsona tseo Modimo a ratang hore le di etse ka Kreste Jesu.

19. Se sitiseng Moya o Halalelang,

20. se nyediseng dineo tsa boporofeta.

21. Hlahlobang tsohle, le boloke tse ntle,

22. mme le sesefe bobe ba mofuta ofe kapa ofe.

1 Bathesalonika 5