1 Bathesalonika 5:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Bana beso, ha e le dinako le metsotso ha le hloke hore le ngollwe ka tsona.

2. Le lona le tseba hantle hore Letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu le tlang bosiu.

3. Mohla batho ba reng: “Ke kgotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa jwalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.

4. Empa lona, bana beso, ha le lefifing, hoo Letsatsi leo le ka le tsometsang jwaloka leshodu.

5. Lona bohle, le leng bana ba lesedi, le rata motsheare. Ha re ba bosiu, ha re rate lefifi.

6. Ha ho le jwalo, re se ke ra robala jwaloka ba bang bohle, re mpe re fadimehe, mme re be le boitshwaro.

7. Ba robalang ba robala bosiu, le ba tahwang ba tahwa bosiu.

8. Ha e le rona ba ratang motsheare, a re beng le boitshwaro, re apare tshireletso ya sefuba, e leng tumelo le lerato, re rwale katiba ya tshepe ya pholoho.

9. Modimo ha a a re bopela ho re halefela, empa o re bopetse ho rua pholoho ka Morena Jesu Kreste,

10. ya re shwetseng, e le hore, leha re fadimehile kapa re robetse, re tle re phele mmoho le yena.

1 Bathesalonika 5