1 Bathesalonika 3:6-12 BIBELE (SSO89SO)

6. Hona jwale Timothea o kgutletse ho rona a etswa ho lona, mme o re tliseditse ditaba tse monate tsa tumelo le lerato la lona. O re kamehla le ntse le re hopola ka thabo, mme le hlolohetswe ho re bona, jwalokaha le rona re hlolohetswe ho le bona.

7. Ka baka leo, bana beso, ditsietsing le matshwenyehong a rona re tshedisehile ke tumelo ya lona,

8. hobane kaha le tiiseditse ho Morena, re a phela.

9. Jwale Modimo re ka mo leboha jwang ka baka la lona, le ka baka la thabo eo le re thabisitseng ka yona pela Modimo wa rona?

10. Bosiu le motsheare re rapela re tiile hore re tle re le bone, mme re tlatsetse moo tumelo ya lona e haellang teng.

11. Jwale Modimo, yena eo e leng Ntata rona, le Morena wa rona Jesu, a ke a re lokisetse tsela ya ho tla ho lona.

12. Morena a ke a eketse, mme a totise lerato la lona, hore le ratane, mme le rate batho bohle, jwalokaha le rona re le rata.

1 Bathesalonika 3