1 Bathesalonika 3:5-7 BIBELE (SSO89SO)

5. Ka lebaka lena, e ile yare ha ke se ke sitwa ho iphapanya, ka roma Timothea ho lona ho ya batlisisa tsa tumelo ya lona; e se be mohlomong Moleki o le lekile, mme mosebetsi wa rona o fetohile lefeela.

6. Hona jwale Timothea o kgutletse ho rona a etswa ho lona, mme o re tliseditse ditaba tse monate tsa tumelo le lerato la lona. O re kamehla le ntse le re hopola ka thabo, mme le hlolohetswe ho re bona, jwalokaha le rona re hlolohetswe ho le bona.

7. Ka baka leo, bana beso, ditsietsing le matshwenyehong a rona re tshedisehile ke tumelo ya lona,

1 Bathesalonika 3