4. empa re bua jwalokaha Modimo a rata, yena ya re amohetseng, a re nea molaetsa o molemo. Ha re lakatse ho kgahlisa batho, re lakatsa ho kgahlisa Modimo ya hlahlobang dipelo tsa rona.
5. Kamoo le tsebang kateng, ha re a ka ra tla ho lona ka maleme a monate, le ka meharo. Modimo ke paki.
6. Ha re eso batle thoriso ho batho, kapa ho lona, leha e le ho mang kapa mang,
7. le hoja re ka be re nnile ra le kgoka, kaha re le baapostola ba Kreste. Empa re ile ra ba bonolo ha re le hara lona, jwalokaha mosadi a baballa bana ba hae.
8. Kamoo re le ratang kateng, ha re a ka ra ikemisetsa ho abelana le lona molaetsa o molemo feela, empa re ile ra ikemisetsa le ho le tella le bona bophelo ba rona, hobane re le rata haholo.
9. Bana beso, le tla hopola kamoo re neng re sebetse ka thata kateng, ra fufulelwa! Ra na ra sebetsa motsheare le bosiu, hore ha re ntse re le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, re se ke ra kgoka mang kapa mang wa lona.
10. Lona le dipaki, le Modimo ke paki ya kamoo lona ba dumelang re ileng ra le tshwara kateng ka mokgwa o halalelang, o lokileng, o sa nyatseheng.
11. Le a tseba hore re ile ra tshwara e mong le e mong wa lona hantle, jwalokaha ntata a tshwara bana ba hae.
12. Ra le kgothatsa, ra le tshedisa, ra ipiletsa ho lona hore le phele ka mokgwa o tshwanelehang mahlong a Modimo, ya le bitsetsang mmusong wa hae le tlotleng ya hae.
13. Le ka lona lebaka lena he, ha re phetse ho leboha Modimo, hobane ha re ne re le tlisetsa lentswe la Modimo, ha le a ka la le amohela jwaloka hoja ke la batho, empa le ile la le amohela e le lentswe la sebele la Modimo, ya sebetsang ka ho lona ba dumelang.