1 Bathesalonika 2:11-20 BIBELE (SSO89SO)

11. Le a tseba hore re ile ra tshwara e mong le e mong wa lona hantle, jwalokaha ntata a tshwara bana ba hae.

12. Ra le kgothatsa, ra le tshedisa, ra ipiletsa ho lona hore le phele ka mokgwa o tshwanelehang mahlong a Modimo, ya le bitsetsang mmusong wa hae le tlotleng ya hae.

13. Le ka lona lebaka lena he, ha re phetse ho leboha Modimo, hobane ha re ne re le tlisetsa lentswe la Modimo, ha le a ka la le amohela jwaloka hoja ke la batho, empa le ile la le amohela e le lentswe la sebele la Modimo, ya sebetsang ka ho lona ba dumelang.

14. Le lona, bana beso, le ile la tshwana le dikereke tsa Modimo tse Judea, tseo e leng tsa Kreste Jesu, hobane le lona le hlokofaditswe ke ba habo lona, jwalokaha le tsona di ile tsa hlokofatswa ke Bajuda.

15. Bajuda ke bona ba ileng ba bolaya Morena Jesu le baporofeta, mme le rona ba re hlorisitse haholo. Ha ba kgahlise Modimo, mme ba hanyetsana le batho bohle.

16. Ba ntse ba re sitisa ho bua ho baditjhaba hore baditjhaba ba tle ba pholoswe. Sena ke sebe sa ho qetela sa tseo ba nnileng ba di etsa, mme jwale kgalefo ya Modimo e qeteletse e ba kgaoleditse.

17. Ha e le rona, bana beso, re ile ra arohana le lona hakgutshwanyane, empa leha re sa bonane ka mahlo, re ntse re ena le lona ka dipelo, mme ka tjesehelo e kgolo re lakatsa ho le bona.

18. Ke ka lebaka leo re neng re rata ho le etela. Ka makgetlo, nna Paulosi ka sebele, ke ile ka leka ho tla, empa Satane a re thibela.

19. Ana ha re ema kapele ho Morena wa rona Jesu, mohla a tlang, tshepo ya rona, thabo ya rona, moqhaka oo re leng motlotlo ka wona, e tla ba ofe, haese lona?

20. Ruri ke lona boithoriso ba rona le thabo ya rona.

1 Bathesalonika 2