1. Bana beso, le tseba ka bolona hore ketelo ya rona ho lona ha e a ka ya eba ya lefeela.
2. Kamoo le tsebang kateng, ha re le motseng wa Filipi, re ne re sa tswa hlokofatswa, re etswa hampe, empa ka thuso ya Modimo wa rona re ile ra ba sebete ho le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, hara kganyetso e kgolo.
3. Kgothatso ya rona ha e etswe ka phoso, kapa ka morero o ditshila, kapa ka mano,
4. empa re bua jwalokaha Modimo a rata, yena ya re amohetseng, a re nea molaetsa o molemo. Ha re lakatse ho kgahlisa batho, re lakatsa ho kgahlisa Modimo ya hlahlobang dipelo tsa rona.
5. Kamoo le tsebang kateng, ha re a ka ra tla ho lona ka maleme a monate, le ka meharo. Modimo ke paki.
6. Ha re eso batle thoriso ho batho, kapa ho lona, leha e le ho mang kapa mang,
7. le hoja re ka be re nnile ra le kgoka, kaha re le baapostola ba Kreste. Empa re ile ra ba bonolo ha re le hara lona, jwalokaha mosadi a baballa bana ba hae.
8. Kamoo re le ratang kateng, ha re a ka ra ikemisetsa ho abelana le lona molaetsa o molemo feela, empa re ile ra ikemisetsa le ho le tella le bona bophelo ba rona, hobane re le rata haholo.
9. Bana beso, le tla hopola kamoo re neng re sebetse ka thata kateng, ra fufulelwa! Ra na ra sebetsa motsheare le bosiu, hore ha re ntse re le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, re se ke ra kgoka mang kapa mang wa lona.