1 Bathesalonika 1:8-10 BIBELE (SSO89SO)

8. Ho tloha ha habo lona, lentswe la Morena ha le a ka la tuma Masedonia le Akaya feela, empa botumo ba tumelo ya lona ho Modimo bo ile ba fihla dibakeng tsohle, hoo re seng re sa hloke ho bua ka taba eo.

9. Bohle ba boledisa kamoo lona le re amohetseng hantle kateng, le kamoo le ileng la sokolohela ho Modimo kateng. Le ile la lahla medimo ya bohata, e le hore le tle le sebeletse Modimo ya phelang, wa nnete,

10. mme le lebelle Mora wa hae ya tla tswa lehodimong, Jesu eo a mo tsositeseng bafung, yena ya tla re phemisa kgalefo e tlang.

1 Bathesalonika 1