4. Na ha re na tokelo ya ho ja le ho nwa?
5. Na ha re na tokelo ya ho felehetswa kahohle ke mosadi wa Mokreste jwaloka baapostola ba bang, le bana babo Morena, le Kefase?
6. Kapa na ke rona le Baranabase feela ba tlamehileng ho sebetsa hore re iphedise?
7. Na ho kile ha eba teng mohlabani ya sa fumaneng moputso wa hae? Kapa molemi ya sa kgeng morara wa tshimo ya hae? Kapa modisana ya sa jeng lebese la mohlape wa hae?
8. Dipolelo tsena hase tsa botho feela, Molao le wona o rialo.
9. Molaong wa Moshe ho ngotswe, ho thwe: “E polang ha e tlangwe molomo.” Na Modimo o tsotella dikgomo feela?
10. Na ha ho a totobala hore o bua ka rona, ha a rialo? E, ho hlile ho ngoletswe rona: ya lemang, kapa ya polang, o tshwanetse ho lema, kapa ho pola, ka tshepo ya hore o tla ba le kabelo dijong.
11. Ha e le mona re le jaletse tsa moya, na e ka ba mohlolo ho kotula tsa lona tsa lefatshe?
12. Haeba ba bang ba ena le tokelo eo ho lona, na tokelo ya rona e ke ke ya eba kgolo ho feta ya bona?Leha ho le jwalo, ha re a ka ra sebedisa tokelo eo, empa re iphapanyeditse tsohle, e le hore re se ke ra kgina molaetsa o molemo wa Kreste.
13. Na ha le tsebe hore ba sebetsang ka Tempeleng ba ja tseo e leng tsa Tempele, le hore ba nyehelang mahlabelo aletareng ba abelwa tsa mahlabelo ao?
14. Ka mokgwa o jwalo, Morena le yena o laetse hore ba phatlalatsang molaetsa o molemo, ba iphedise ka hona.
15. Empa nna, ha ke eso sebedise le e nngwe ya ditokelo tsena, ebile ha ke ngole tjena hore le nna ke di fumane. Nka mpa ka shwa, ho ena le hore motho a nkamohe lebaka lena la ka la ho ithorisa.
16. Ha ke na tokelo ya ho ithorisa hobane feela ke bolela molaetsa o molemo; etswe ke tlameha ho etsa jwalo. Nka ba madimabe haeba ke sa phatlalatse molaetsa o molemo.
17. Hoja ke etsa mosebetsi ona ka boithaopo, ke ne ke tla lebella moputso, empa kaha e se ka boithaopo, ke phetha feela mosebetsi oo ke o abetsweng.
18. Jwale moputso wa ka ke ofe? Ke hore ke bolele molaetsa o molemo ke sa lefuwe, ka ho se sebedise tokelo eo ke nang le yona ka baka la mosebetsi wa ho phatlalatsa molaetsa oo.
19. Ke motho ya lokolohileng, ya seng taolong ya mang kapa mang, empa ke ikentse lekgoba la bohle, hore ke tle ke hape ba bangata.