1 Bakorinthe 8:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale ke kena tabeng ya tse hlabetsweng medimo ya bohata. Ke nnete hore rona re na le tsebo tabeng ena. Tsebo eo e ye e bake boikgohomoso, empa lerato le a hodisa.

2. Haeba motho a lekanya hore o na le tsebo, ha a eso ka a tseba ho ya kamoo a tshwanetseng ho tseba kateng.

3. Empa haeba ho ena le ya ratang Modimo, yena o tsejwa ke yena.

4. Ha ho le jwalo, tabeng ya ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore modimo wa bohata hase ntho e teng ho hang, le hore Modimo o mong feela.

5. Leha bahedene ba bitsa tse ding tse lehodimong kapa lefatsheng medimo, jwalokaha ba ena le medimo e mengata le marena a mangata,

6. rona re na le Modimo a le mong e leng Ntate. Ke yena eo dintho tsohle di tswang ho yena, eo re mo phelelang. Hape re na le Morena a le mong, e leng Jesu Kreste. Ke yena eo dintho tsohle di entsweng ka yena, eo re phelang ka yena.

1 Bakorinthe 8