27. Ha o tlamahantswe le mosadi ka lenyalo, o se ke wa itokolla. Ha o sa tlamahanngwa le mosadi ka lenyalo, o se ke wa ipatlela mosadi.
28. Haeba o nyala, ha o etse sebe; le morwetsana ha a nyalwa, ha a etse sebe. Empa ba nyalanang ba tla ba le matshwenyeho bophelong bona, mme lona ke a le qenehela.
29. Bana beso, seo ke se bolelang ke sena: Nako e se e kgutsufetse. Ho tloha jwale, ba nyetseng e ke ha ba a nyala;
30. ba llang e ke ha ba lle; ba thabileng e ke ha ba a thaba; ba rekang e ke ha ba na letho;
31. ba phelang ka tsa lefatshe lena e ke ha ba di phelele, hobane mekgwa ya lefatshe lena e a feta.
32. Ha ke lakatse ha le ka tshwenyeha. Ya sa nyalang o hlokomela tsa Morena, hore na a ka kgahlisa Morena jwang.
33. Empa ya nyetseng o hlokomela tsa lefatshe, hore na a ka kgahlisa mosadi wa hae jwang,
34. mme kahoo o pelo di pedi. Mosadi ya sa nyalwang, kapa morwetsana, o hlokomela tsa Morena, hore a tle a halalele mmeleng le moyeng. Empa mosadi ya nyetsweng o hlokomela tsa lefatshe, hore na a ka kgahlisa monna wa hae jwang.
35. Ke le bolella tsena ho le thusa, e seng ho le kgina, empa e le hore le batle ho lokelang, le ikakgele mosebetsing wa Modimo ka setotswana.
36. Ha motho a lekanya hore e ka ba ntho e dihlong, ha moradi wa hae e le lefetwa, mme a hopola hore eka kgona taba eo e lokiswe, a etse kamoo a ratang kateng. Ha a etse sebe ha a ka mo nyadisa.
37. Empa haeba motho a sa tlangwe ke letho e le ka boikgethelo ba hae, a tiile morerong wa hae, mme haeba a se a qetile ka pelong ya hae hore moradi wa hae e nne e be morwetsana, o tla be a etsa hantle.
38. Kahoo ya nyadisang moradi wa hae o etsa hantle, empa ya sa mo nyadiseng o etsa hantle ka ho fetisisa.