1 Bakorinthe 6:4-14 BIBELE (SSO89SO)

4. Ka baka leo, ha le ena le dinyewe tse amanang le bophelo boo, na le tla re di ahlolwe ke bao e seng letho ka kerekeng na?

5. Ke rialo hore le hlajwe ke dihlong! Na ha ho le ya mong ya bohlale hara lona, ya ka tsebang ho ahlola ditsekisanong tsa badumedi?

6. Empa motho o qosa ngwanabo, le hona kapele ho bao e seng badumedi.

7. Ka baka lena, le hlotswe ho hang, hobane le a qosana. Keng ha le sa itlohelle ho etswa hampe? Keng ha le sa itlohelle ho qhekanyetswa?

8. Empa ke lona le etsang hampe, le qhekanyetsanang le bana babo lona.

9. Kapa na ha le tsebe hore ba kgopo ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo? Le se ke la ithetsa: dihlola, le basebeletsi ba medimo ya bohata, le difebe, le ba janang maotwana,

10. le mashodu, le ditlofa, le matahwa, le ba ditlhapa, le dinokwane, ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo.

11. Ba bang ba lona le ne le le jwalo, empa le ile la hlatsuwa, la halaletswa, la lokafatswa ka lebitso la Morena Jesu Kreste, le ka Moya wa Modimo wa rona.

12. E mong o re: “Ke dumeletswe ka dintho tsohle,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, ke dumeletswe ka dintho tsohle, empa ha nka ke ka laolwa le ke e le nngwe ya tsona.

13. E mong hape o re: “Dijo di etseditswe mpa, le mpa e etseditswe dijo.” E, feela Modimo o tla di fedisa bobedi ba tsona. Empa mmele hase wa bohlola, ke wa Morena, mme Morena ke mongwa wona.

14. Modimo o tsositse Morena bafung, mme le rona o tla re tsosa ka matla a hae.

1 Bakorinthe 6