1 Bakorinthe 6:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha e mong wa lona a ena le nyewe le e mong, a ka mo isa jwang makgotleng a bahedene, e seng kapele ho badumedi?

2. Kapa ha le tsebe hore badumedi ke bona ba tla ahlola lefatshe? Haeba lefatshe le tla ahlolwa ke lona, na ha le a lokela ho ahlola ditaba tse fokolang?

3. Na ha le tsebe hore le mangeloi re tla a ahlola? Jwale re ka sitwa keng ho ahlola tsa bophelo boo?

4. Ka baka leo, ha le ena le dinyewe tse amanang le bophelo boo, na le tla re di ahlolwe ke bao e seng letho ka kerekeng na?

1 Bakorinthe 6