1 Bakorinthe 5:5-10 BIBELE (SSO89SO)

5. motho eo a neelwe Satane, ho timetswe mmele wa hae, e le hore moya wona o tle o pholoswe ka Letsatsi la ho tla ha Morena.

6. Boithoriso ba lona ha bo a loka. Na ha le tsebe hore tomoso e seng kae e lomosa hlama kaofela?

7. Lahlelang tomoso ya kgale kantle, hore le tle le be hlama e ntjha, kaha le le bohobe bo sa lomoswang ba Paseka; ebile le Kreste, Konyana ya rona ya Paseka, o hlabilwe.

8. Ka hona a re etseng mokete ka bohobe bo sa lomoswang ba botshepehi le nnete, e seng ka tomoso yane ya kgale, tomoso ya bobe le bokgopo.

9. Lengolong la ka ke ile ka re le se ke la tlwaelana le dihlola.

10. Ho hang ke ne ke sa bolele dihlola tsohle tsa lefatshe lena, kapa ditlofa, kapa dinokwane, kapa basebeletsi ba medimo ya bohata, hobane hoo ho ka le tlama ho falla lefatsheng lena.

1 Bakorinthe 5