1. Re ke re tadingwe re le basebeletsi ba Kreste le baokamedi ba sebetsanang le diphiri tsa Modimo.
2. Ho batlehang ke hore mookamedi ka mong a fumanwe a tshepahala.
3. Ho nna ha ho na taba ha ke ahlolwa ke lona kapa ke lekgotla la lefatshe; esita le nna ha ke ikahlole.
4. Ha ke ipone molato wa letho, empa hona ha ho bolele hore ha ke na molato. Ya nkahlolang ke Morena.
5. Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo.
6. Jwale, bana beso, ke tshwantshitse tsena ka rona le Apolosi ka baka la lona, e le hore le tle le ithute ka rona ho se feteletse se ngotsweng. Ho se be ya itjang ka e mong, empa a nyedisa e mong.
7. Ana wena ke mang ya o nkelang hodimo? Ke eng eo o nang le yona, eo o sa e fuwang ke Modimo? Jwale haeba o e filwe, o ithorisetsang jwalokaha e ka ha o a e fuwa?
8. Le se le ena le tsohle! Le se le ruile! Le renne le le bang! Hoja le fela le rena, le rona re tle re rene le lona!
9. Ke bona e ka rona baapostola, Modimo o re entse ba ho qetela, jwaloka ba ahloletsweng lefu. Re fetohile sebonwang-se-bonwa-ke-bohle ho lefatshe, ho mangeloi le ho batho.
10. Rona re dithoto ka baka la Kreste, empa lona le bohlale ka ho ba ho Kreste. Rona re a fokola, empa lona le matla. Lona le a hlomphuwa, empa rona re a hlomphollwa.
11. Ho fihlela jwale re a lapa, re a nyorwa, re hlobotse, re a hlekefetswa, mme re a shota.
12. Re sebetsa ka thata ka matsoho a rona. Ha ba re hlapaola, re a ba hlohonolofatsa; ha ba re hlorisa, re a mamella;