1 Bakorinthe 3:7-15 BIBELE (SSO89SO)

7. Ka hona ya lemang hase letho, le ya nwesetsang hase letho, empa eo e leng letho ke Modimo ya medisang.

8. Ya lemang le ya nwesetsang ba a tshwana, mme e mong le e mong o tla amohela moputso ho ya ka mosebetsi wa hae.

9. Rona re sebetsa mmoho le Modimo; lona le tshimo ya Modimo, le mohaho wa Modimo.

10. Ka mohau oo Modimo a nketseditseng wona ke ile ka etsa motheo jwaloka sehahi se bohlale; e mong a haha hodima wona. Empa e mong le e mong a hlokomele hore na o haha jwang.

11. Ha ho ya ka etsang motheo o mong kantle ho o seng o le teng, e leng Jesu Kreste.

12. Ha ba bang, ba hahang hodima motheo ona, ba ka sebedisa kgauta, kapa silefera, kapa majwe a bohlokwa, ba bang lehong, kapa jwang, kapa lehlaka,

13. mosebetsi wa e mong le e mong wa bona o tla pepeseha. Letsatsi la Kreste le tla o hlahatsa. Le tla tla ka mollo, mme mollo oo o tla hlahloba boleng ba mosebetsi wa e mong le e mong.

14. Haeba mosebetsi wa e mong ya hahileng hodima motheo o sa senyehe, o tla amohela moputso.

15. Haeba mosebetsi wa e mong o etjha, o tla mo senyehela, empa yena o tla pholoswa, jwaloka ya fetileng hara mollo.

1 Bakorinthe 3