1 Bakorinthe 3:12-23 BIBELE (SSO89SO)

12. Ha ba bang, ba hahang hodima motheo ona, ba ka sebedisa kgauta, kapa silefera, kapa majwe a bohlokwa, ba bang lehong, kapa jwang, kapa lehlaka,

13. mosebetsi wa e mong le e mong wa bona o tla pepeseha. Letsatsi la Kreste le tla o hlahatsa. Le tla tla ka mollo, mme mollo oo o tla hlahloba boleng ba mosebetsi wa e mong le e mong.

14. Haeba mosebetsi wa e mong ya hahileng hodima motheo o sa senyehe, o tla amohela moputso.

15. Haeba mosebetsi wa e mong o etjha, o tla mo senyehela, empa yena o tla pholoswa, jwaloka ya fetileng hara mollo.

16. Na ha le tsebe hore le tempele ya Modimo, le hore Moya wa Modimo o ahile ka ho lona?

17. Ha motho a heletsa tempele ya Modimo, Modimo o tla mo timetsa, hobane tempele ya Modimo e a halalela, mme tempele eo ke lona.

18. Ho se be ya ithetsang. Ha e mong hara lona a ikgopola hore o na le bohlale ba lefatshe lena, a ke a fetohe sethoto, e le hore a tle a hlalefe.

19. Bohlale ba lefatshe lena ke bothoto mahlong a Modimo. Etswe Mangolo a re:“Modimo o tshwasa ba bohlalemaqhekeng a bona.”

20. Hape ho thwe:“Morena o tseba hore mehopoloya ba bohlale ke lefeela.”

21. Kahoo ho se be ya ithorisang ka batho. Tsohle ke tsa lona,

22. e ka ba Paulosi, kapa Apolosi, kapa Kefase, kapa lefatshe lena, kapa bophelo, kapa lefu, kapa tse teng, esita le tse tlang. Tsena tsohle ke tsa lona,

23. lona le ba Kreste, mme Kreste ke wa Modimo.

1 Bakorinthe 3