11. Ha ho ya ka etsang motheo o mong kantle ho o seng o le teng, e leng Jesu Kreste.
12. Ha ba bang, ba hahang hodima motheo ona, ba ka sebedisa kgauta, kapa silefera, kapa majwe a bohlokwa, ba bang lehong, kapa jwang, kapa lehlaka,
13. mosebetsi wa e mong le e mong wa bona o tla pepeseha. Letsatsi la Kreste le tla o hlahatsa. Le tla tla ka mollo, mme mollo oo o tla hlahloba boleng ba mosebetsi wa e mong le e mong.
14. Haeba mosebetsi wa e mong ya hahileng hodima motheo o sa senyehe, o tla amohela moputso.
15. Haeba mosebetsi wa e mong o etjha, o tla mo senyehela, empa yena o tla pholoswa, jwaloka ya fetileng hara mollo.
16. Na ha le tsebe hore le tempele ya Modimo, le hore Moya wa Modimo o ahile ka ho lona?
17. Ha motho a heletsa tempele ya Modimo, Modimo o tla mo timetsa, hobane tempele ya Modimo e a halalela, mme tempele eo ke lona.
18. Ho se be ya ithetsang. Ha e mong hara lona a ikgopola hore o na le bohlale ba lefatshe lena, a ke a fetohe sethoto, e le hore a tle a hlalefe.
19. Bohlale ba lefatshe lena ke bothoto mahlong a Modimo. Etswe Mangolo a re:“Modimo o tshwasa ba bohlalemaqhekeng a bona.”
20. Hape ho thwe:“Morena o tseba hore mehopoloya ba bohlale ke lefeela.”