1. Bana beso, nna ke sitilwe ho bua le lona jwalokaha ke ne nka bua le batho ba nang le Moya o Halalelang, empa ke buile le lona jwalokaha le le ba lefatshe, jwaloka masea ho Kreste.
2. Ke le fepile ka lebese e seng ka dijo tse thata, hobane di ne di ka le sita. Esita le jwale di ntse di ka le sita,
3. hobane le ntse le le ba lefatshe. Ha e le mona le sa na le mohono le diqabang hara lona, na hoo ha ho supe hore le ba lefatshe, mme le laolwa ke tsa botho?
4. Ha e mong a re: “Nna ke wa Paulosi,” mme e mong a re: “Nna ke wa Apolosi,” na ha le ye ka tsa botho?
5. Hantlentle Apolosi ke eng? Paulose yena ke eng? Ke basebeletsi feela bao le dumetseng ka baka la bona, ba sebeditseng ho ya kamoo Morena a abetseng e mong le e mong wa bona kateng.
6. Nna ke ile ka lema, Apolosi yena a nwesetsa, empa ke Modimo ya medisitseng.
7. Ka hona ya lemang hase letho, le ya nwesetsang hase letho, empa eo e leng letho ke Modimo ya medisang.
8. Ya lemang le ya nwesetsang ba a tshwana, mme e mong le e mong o tla amohela moputso ho ya ka mosebetsi wa hae.
9. Rona re sebetsa mmoho le Modimo; lona le tshimo ya Modimo, le mohaho wa Modimo.
10. Ka mohau oo Modimo a nketseditseng wona ke ile ka etsa motheo jwaloka sehahi se bohlale; e mong a haha hodima wona. Empa e mong le e mong a hlokomele hore na o haha jwang.
11. Ha ho ya ka etsang motheo o mong kantle ho o seng o le teng, e leng Jesu Kreste.