8. Ke tla ba mona Efese ho fihlela ka Pentekonta,
9. hobane teng ke buletswe monyetla o moholo, o atlehang, empa ho bile ho na le ba bangata ba nkganyetsang.
10. Haeba Timothea a ka fihla, le etse hore a dule le lona a se na tshabo, hobane o sebetsa mosebetsi wa Morena jwaloka nna.
11. Ho se be ya mo nyedisang, le mpe le mo fetisetse ho nna ka kgotso, hobane nna le bana babo rona re mo lebeletse.
12. Ha e le ngwanabo rona Apolosi, ke mo kopile haholo hore a tle ho lona le bana babo rona, empa e ne e se thato ya hae ho hang ho tla hona jwale. O tla tla mohla a fumanang sebaka.
13. Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.
14. Etsang tsohle ka lerato.
15. Jwale ke sa na le kopo, bana beso. Le a tseba hore lelapa la Setefanase ke letsibolo bodumeding naheng ya Akaya, mme le ikabetse ho sebeletsa badumedi.
16. Ikokobeletseng ba jwalo, esita le bohle ba sebetsang, ba fufulelwang mmoho le bona.
17. Ke thabetse ho fihla ha Setefanase, le Foretunatose, le Akaikuse, hobane ke bona ba nthusitseng bosiyong ba lona.
18. Ba kgatholotse moya wa ka le ya lona. Ananelang ba jwalo.
19. Dikereke tsa Asia di a le dumedisa. Akulase le Prisilla le kereke e kenelang ha bona ba le dumedisa haholo Moreneng.
20. Bana babo rona bohle ba a le dumedisa. Dumedisanang ka kako e halalelang.