2. Ka tsatsi le qalang beke, e mong le e mong wa lona a bee ho hong kathoko ha hae, ho ya kamoo a sitsitsweng kateng; dikoleke di etswe ke eso fihle.
3. Ha ke fihla, ke tla romela bao le ka ba kgethang ka mangolo hore ba ise dimpho tsa lona tsa mohau Jerusalema.
4. Haeba ho hlokeha hore le nna ke ye, ke tla ya le bona.
5. Ke tla feta le ho lona ha ke potolohile Masedonia, hobane ke ntse ke potoloha Masedonia.
6. Mohlomong ke tla hlola le lona, ke qete mariha, le tle le nthuse ho tswela pele maetong a ka.
7. Ha ke lakatse ho le fapohela feela ke feta, hobane ke ikemiseditse ho dula le lona nako e itseng, ha Morena a rata.
8. Ke tla ba mona Efese ho fihlela ka Pentekonta,
9. hobane teng ke buletswe monyetla o moholo, o atlehang, empa ho bile ho na le ba bangata ba nkganyetsang.
10. Haeba Timothea a ka fihla, le etse hore a dule le lona a se na tshabo, hobane o sebetsa mosebetsi wa Morena jwaloka nna.
11. Ho se be ya mo nyedisang, le mpe le mo fetisetse ho nna ka kgotso, hobane nna le bana babo rona re mo lebeletse.
12. Ha e le ngwanabo rona Apolosi, ke mo kopile haholo hore a tle ho lona le bana babo rona, empa e ne e se thato ya hae ho hang ho tla hona jwale. O tla tla mohla a fumanang sebaka.
13. Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.